Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 49:11 - BIBELE

11 O holeha tonki ya hae morareng, le pohwana ya tonki morareng o kgethehileng; o hlatswa diaparo tsa hae ka veine, le kobo ya hae ka lero la morara.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O holehile esele ya hae sefateng sa morara, le petsana ya eselana sefateng sa morara se kgethilweng: o hlatswitse diaparo tsa hae veineng, le kobo ya hae mading a morara;

Ver Capítulo Copiar




Genese 49:11
15 Referencias Cruzadas  

Mahlo a hae a tlerefetse ke veine, meno a hae a masweu ke lebese.


Setjhaba sa morabe wa Juda le sa Iseraele se ne se le sengata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Se ne se eja, se enwa, se nyakalla.


Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.


ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ ‘Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!


“Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ya kotulang a tla siuwa, ya kotulang a siuwe ke ya lemang; ya jalang le yena o tla siuwa, a siuwe ke ya tlhotlang morara. Veine e ntjha e tla kolla dithabeng, e phalle e kopotsa maralleng wohle.


Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.


sereledi ya eba sa serema sa kgomo, lebese ya eba le mafura la dinku, mafura ya eba a dikonyana, dipheleu le dipodi ya eba tsa Bashane, koro ya eba e lefi le thata, a nwa lero la morara le lefubedu.


“Morena Modimo wa lona, o le isa naheng e ntle, naha e nang le dinokana tse phallang metsi; naha ya didiba le mehlodi e kopotsang dikgohlong le dithabeng.


Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi;


Setlhotlelo seo sa hatikelwa se le kantle ho motse, mme sa tswa madi a ileng a phutsalla sebakeng se ka etsang dikilomethara tse makgolo a mararo, botebo ba wona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere.


le tle le je dinama tsa dikgosi, le tsa balaodi, le tsa dinatla; dinama tsa dipere le tsa bapalami ba tsona; dinama tsa batho bohle, tsa makgoba le tsa balokolohi, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


lelokong la Simeone, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Levi, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Isakare, ba dikete tse leshome le metso e mmedi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos