Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 48:14 - BIBELE

14 Iseraele o otlolla letsoho la hae le letona, a le bea hodima hlooho ya Efraime, leha e ne e le e monyenyane; a bea le letshehadi hodima hloho ya Manase, a fapantse matsoho, hobane Manase e ne e le yena letsibolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:14
24 Referencias Cruzadas  

Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”


Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”


Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime.


Josefa a ba nka bobedi ba bona: Efraime ka letsohong la hae le letona, e leng ka ho le letshehadi la Iseraele; Manase ka letsohong la hae le letshehadi, e leng ka ho le letona la Iseraele, mme a ba atametsa pela hae.


Ha Josefa a bona hore ntatae o beile letsoho la hae le letona hodima hlooho ya Efraime, a se ke a thaba. Yaba o tshwara letsoho la ntatae, o le tlosa hloohong ya Efraime, o le bea hodimo hlooho ya Manase,


mme Josefa a re ho ntatae: “E seng jwalo, ntate, hobane eo e leng letsibolo ke enwa! Bea letsoho la hao le letona hodima hlooho ya hae.”


Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


letsoho le letona la Morena le a tlotleha, letsoho le letona la Morena le sebeditse tse matla.”


“Morena, tsoho la hao le letona le tlotlisitswe ka matla, Morena, tsoho la hao le letona le thuankantse sera.


“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.


Jwale o tlise Balevi kapele ho Morena, mme bana ba Iseraele ba bee matsoho a bona hodima Balevi.


Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle hara bana ba Iseraele.


Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.


Yaba bana ba tliswa ho Jesu hore a ba bee matsoho, a ba rapelle, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.


A ba bea matsoho, a ikela.


“Hape ha le rapela, le se ke la etsisa baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mabaleng a motse, hore ba bonahale ho batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


a ba a mmea matsoho; yaba mosadi eo o otloloha hanghang, mme a tlotlisa Modimo.


Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa.


Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.


Ba ba hlahisa kapele ho baapostola, mme ha ba se ba rapetse, ba ba bea matsoho.


Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.


O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos