Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 47:23 - BIBELE

23 Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Josefa a re ho setjhaba: Bonang, ke le rekelletse Faro kajeno le masimo a lona; peo ya lona ke ena, le tle le leme naha.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:23
15 Referencias Cruzadas  

Dikgomo tse supileng, tse otileng, tse mpe, tse ileng tsa nyoloha kamora tsona, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.


Tlala e se e aparetse naha ka dilemo tsena tse pedi, empa ho sa na le dilemo tse hlano tseo ka tsona ho sa tlo lengwa le ho kotulwa.


Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka, hobane baprista ba ne ba newa moputso ke Faro, ba phela ka wona, mme ka lebaka lena ba se ke ba rekisa masimo a bona.


Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”


Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Ya hanang ho rekisa koro batho ba a mo rohaka, empa ya ba rekisetsang yena o a hlohonolofala.


Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.


Masimong a mofutsana tjhai e ba ngata, ba hlokang toka bona ba a e fedisa.


Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.


“Jwalokaha pula le lehlwa di etswa lehodimong, mme di sa kgutlele teng di sa kolobisa lefatshe, hore le medise dimela di tle di atlehe, di hlahisetse mojadi peo, batho ba fumane dijo;


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos