Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 47:22 - BIBELE

22 Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka, hobane baprista ba ne ba newa moputso ke Faro, ba phela ka wona, mme ka lebaka lena ba se ke ba rekisa masimo a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Feela, naha ya baprista a se ke a e reka, ka hoba baprista ba ne ba na le kabelo e lekantsweng ke Faro, mme ba eja kabelo ya bona eo ba neng ba e fuwa ke Faro; ke ka baka leo ba sa kang ba rekisa ka masimo a bona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:22
16 Referencias Cruzadas  

Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:


Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One.


Batho bona a ba fallisetsa metseng, ho tloha karolong e nngwe ya Egepeta ho isa ho e nngwe.


Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo.


Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.


Ka hlokomela hore Balevi le dibini, e leng bona ba neng ba selebetsa, ha ba a ka ba newa seabo sa bona, kahoo e mong wa bona o ne a ipoeletse ha habo.


Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Itlhokomeleng, le se ke la furalla Molevi ha feela le ntse le phela naheng ya lona.


Ha re ne re sa na le lona, re nnile ra le laela hore haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.


Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos