Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 47:15 - BIBELE

15 Yare ha tjhelete e fela naheng ya Egepeta le ya Kanana, Baegepeta bohle ba tla ho Josefa, ba re: “Re fe dijo! O re re shwe o ntse o re tadimile, hobane feela re feletswe ke tjhelete?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse ha ditjhelete di fedile naheng ya Egepeta le naheng ya Kanana, Baegepeta kaofela ba tla ho Josefa, ba re: Re fe bohobe; a re ka hla ra shwa pela hao haele mona tjhelete e fedile na?

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:15
11 Referencias Cruzadas  

Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.”


Josefa a araba, a re: “Tlisang diphoofolo tsa lona; ke tla le ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa lona, haeba tjhelete e fedile.”


Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.”


Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba.


Ekaba ho jewang? Na o na le dinkgwa tse hlano? Ako mphe tsona, kapa o mphe eng le eng e o nang le yona.”


Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos