Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 46:5 - BIBELE

5 Jwale Jakobo a tloha Beeresheba, mme bara ba Iseraele ba palamisa Jakobo ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona makoloing ao Faro a neng a a rometse ho mo lata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Jakobo o tloha Beerseba, mme bara ba Iseraele ba tsamaisa Jakobo, ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona, ka makoloi ao Faro a a rometseng ho ba lata.

Ver Capítulo Copiar




Genese 46:5
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


“Ba laele hape, o re: ‘Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano.


Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao.


Empa eitse ha ba mmolella dipolelo tsohle tseo Josefa a di buileng ho bona, le ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho tla mo lata, a tsoha molota.


Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.”


Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.”


Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng.


“Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos