Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 45:8 - BIBELE

8 “Hase lona le nthometseng mona, empa ke Modimo. O nkentse moeletsi wa Faro, le morena wa lelapa lohle la hae, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:8
11 Referencias Cruzadas  

Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe.


Le se ke la itshwabela, leha e le ho ikgalefela, kahobane le nthekisitse mona. Modimo o ntlisitse mona pele ho lona, hore bophelo bo tle bo bolokehe.


Ke ne ke le ntata bafumanehi, ke le mmuelli wa bao ke sa ba tsebeng.


Ke tla mo apesa seaparo sa hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, le matla a hao a ho busa a be matsohong a hae. Yena e tla ba ntata ho baahi ba Jerusalema le ho ba ntlo ya Juda.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Ka baka leo, hase taba ya thato kapa ya boiteko ba motho, empa ke ya mohau wa Modimo,


Mohlomong Onesimose o ile a arohanngwa le wena ka nakwana, e le hore o tle o boele o be le yena kamehla.


Mmika a re ho yena: “Dula mona ha ka, mme o be ntate le moprista wa ka. Ka selemo ke tla o lefa tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome, ke o fe le diaparo, le dijo.” Yaba Molevi o a kena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos