Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 45:16 - BIBELE

16 Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Botumo ba utlwahala ka tlung ya Faro ba hore banababo Josefa ba tlile. Faro le bahlanka ba hae ba itumela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 45:16
15 Referencias Cruzadas  

Aborame a re ho Sarai: “Lekgoba leo la mosadi le matsohong a hao; etsa kamoo o ratang kateng ka lona.” Sarai a le hlorisa haholo, hoo le bileng la baleha.


Abimeleke a re: “Bona, naha ya ka ke eo; ikgahele moo o ratang teng.”


Dipolelo tsa bona tsa thabisa Hamore le mora wa hae Shekeme.


“Jwale eka kgona Faro a batle monna ya bohlale, ya masene, a okamele naha ya Egepeta.


Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle.


A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.


Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: ‘Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana.


Setjhaba sohle sa hlokomela ntho ena, mme sa e thabela. Eng kapa eng eo kgosi e neng e e etsa, setjhaba sohle se ne se bona e lokile.


Hona ha thabisa kgosi le setjhaba sohle.


Keletso ena ya thabisa kgosi le mahosana, mme kgosi ya etsa kamoo Memukane a eleditseng kateng.


Morwetsana ya tla kgahla kgosi, ke yena eo e tla ba mofumahadi bakeng sa Fashiti.” Keletso ena ya thabisa kgosi, mme kgosi ya etsa jwalo.


Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.


Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia.


Ka kgetlo la bobedi Josefa a itsebisa bana babo, mme Faro a tseba leloko la Josefa.


e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos