Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 44:9 - BIBELE

9 Mang kapa mang wa bahlanka ba hao, eo senwelo seo se tla fumanwa ho yena, o tla shwa, mme le rona re tla ba makgoba a morena rona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho bahlanka ba hao eo se ka fumanwang ho yena, ha a shwe; esita le rona re tla ba makgoba a morena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 44:9
7 Referencias Cruzadas  

Mang kapa mang eo medimo ya hao e tla fumanwa ho yena, a ke ke a phela. Batla seng seo sa hao, moo bana babo rona ba ntseng ba bona, o se nke!” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o utswitse medimo eo.


Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”


Mookamedi eo a re: “A ho be jwalokaha le boletse. Eo se tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka, mme lona ha le na ho ba le molato.”


Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”


Haeba ke fositse, mme ke entse ho hong ho lokelwang ke lefu, ha ke hane ho shwa. Empa haeba ho se nnete tabeng tseo bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneelang bona. Ke ipiletsa ho Sesare.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos