Josefa a laela hore mekotla ya bona e tlatswe koro; le hore ho kgutlisetswe tjhelete ya e mong le e mong ka mokotleng wa hae; le hore ba fuwe mofao. Ba etsetswa jwalo.
Moo ba robaleditseng teng, ha e mong wa bona a qhaqholla mokotla wa hae, ho fepa tonki ya hae, a fumana tjhelete ya hae e le teng ka molomong wa mokotla wa hae.