Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:21 - BIBELE

21 Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:21
29 Referencias Cruzadas  

Jwale moqhatsetsi e moholo a bua le Faro, a re: “Kajeno ke hopola diphoso tsa ka.


Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”


Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa; na ntate o sa phela?” Empa bana babo ba sitwa ho mo arabela, hobane ba ne ba tshohile ha ba bona hore o a phela.


Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”


Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.


Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.


“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!”


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


“Empa ha le sa etse jwalo, e tla ba le sitetswe Morena, mme le ke ke la phema kotlo ya sebe sa lona.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


moo seboko se ba jang ka ho sa feleng, mme mollo o sa timeng,


hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a ba laye, esere le bona ba tla sebakeng sena sa tlhokofatso.’


Ba bangata ba badumedi ba tla, ba bolela diketso tsa bona tsa boloi pepeneneng.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos