Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:19 - BIBELE

19 haeba le batho ba nnete, siyang e mong wa lona tjhankaneng, lona le tsamaye, le ise dijo malapeng a lona a lapang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha ekaba le fela le le batho ba sebele, e mong wa lona, ngwanabo lona, ha a ke a sale tlung ya teronko ya lona, mme lona le tsamaye, le isetse ba habo lona ba tlaleng koro,

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:19
13 Referencias Cruzadas  

mme a ba bea tlung ya mookamedi wa balebedi, e ka tjhankaneng, moo Josefa a neng a kwaletswe teng.


Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.


Bohle re bara ba motho, re batho ba nnete; bahlanka ba hao hase dihlwela.”


Ka letsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: “Etsang tjena, le tle le phele, hobane ke tshaba Modimo:


Jwale le ntlisetse moena lona, mantswe a lona a tle e netefale, mme ha le ka ke la shwa.” Yaba ba etsa jwalo.


Jwale ba bofa koro ya bona ditonking tsa bona, ba tsamaya.


“Jwale monna eo, mmusi wa naha, a re ho rona: ‘Ke tla tseba hore le batho ba nnete ha le ka la siya e mong wa lona mona ho nna la itsamayela la isa dijo malapeng a lona a lapang.


Ho ntatae a romela tsena: ditonki tse leshome, tse bofileng dintho tsa bohlokwa tsa Egepeta; le ditonki tse leshome, tse tshehadi, tse bofileng koro, le bohobe, le mofao wa ntatae.


Empa tjhaba sena se senyeditswe, sa utswetswa, batho bohle ba wetse ka mameneng, ba patilwe ditjhankaneng; batho bohle ba fetohile lelobelo, ha ho le ya mong ya ba pholosang, ba senyeditswe, ha ho ya reng: “Ba buseletseng!”


O tla tutubolla mahlo a difofu, o lokolle batshwaruwa, o ba lokolle ditjhankaneng, o lokolle ba dutseng lefifing la tjhankana.


Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos