Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 42:13 - BIBELE

13 Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 42:13
26 Referencias Cruzadas  

a kgutlela ho bana babo, a re: “Moshanyana ha a yo; ekaba ke tla leba kae?”


Bohle re bara ba motho, re batho ba nnete; bahlanka ba hao hase dihlwela.”


Josefa a boela a re ho bona: “Tjhe, le tlilo lekola bofokodi ba naha.”


Empa Josefa a re ho bona: “Ho jwalokaha ke le boleletse; le dihlwela.


Re bara ba motho ba leshome le metso e mmedi; e mong o se a shwele, athe hona jwale wa ho fela o ho ntata rona, naheng ya Kanana.’


Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”


Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!”


Ba araba, ba re: “Monna eo o ile a re botsisisa tsa rona le tsa bang ka rona, a re: ‘Na ntata lona o sa phela? Na le sa na le ngwanabo lona e mong?’ Seo re mmoleletseng sona e bile karabo ya dipotso tsena. Re ne re ka tseba jwang hore qetellong o tla re: ‘Tloong le moena lona’?”


Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’


E mong o ntshiile, mme ka re: ruri o tsekolotswe ke dibatana, mme ha ke eso mmone ho fihlela jwale.


Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe.


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona.


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


“Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos