Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:49 - BIBELE

49 Josefa a bokella koro e ngata haholo, jwaloka lehlabathe la lewatle, ho fihlela a kgaotsa ho e bala, hobane e ne e ke ke ya balwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Josefa a bokella koro e ka ka lehlabathe la lewatle ka bongata, e ngata-ngata, ho fihlela a ba a lesa ho e bala, hobane e ne e se na palo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:49
9 Referencias Cruzadas  

ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


mme Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, a di boloka metseng. Dijo tse tswang masimong a motse o mong le o mong a di boloka motseng oo.


Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


a ba nesetsa nama jwalokaha eka ke lerole, le nonyana tse fofang, jwalokaha eka ke hlabathe la lewatle,


Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”


Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.


Bamidiane, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba ne ba hwaramane ka kgohlong jwaloka boiyane ba ditsie. Dikamele tsa bona di ne di ke ke tsa balwa, di le kaa ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata.


Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios