Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.
mme Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, a di boloka metseng. Dijo tse tswang masimong a motse o mong le o mong a di boloka motseng oo.
Lefatshe le ke le aparelwe ke koro, e ekethehe qhoweng tsa dithaba, tjhai e be jwaloka ya Lebanone; metseng ho tlale batho, ba be jwaloka jwang ba naha, jwang bo tlokomang.