Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:34 - BIBELE

34 Faro a ke a etse tjena: a kgethe baokamedi hodima naha ena, mme ba nke karolo e le nngwe ho tse hlano tsa kotulo ya naha ya Egepeta, dilemong tsena tse supileng tsa nala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Faro a ke a etse, a bee bahlahlobi naheng yohle, mme a nke karolo ya bohlano ya tse mediswang naheng ya Egepeta dilemong tse supileng tsa nala;

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:34
14 Referencias Cruzadas  

“Jwale eka kgona Faro a batle monna ya bohlale, ya masene, a okamele naha ya Egepeta.


Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng.


Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”


Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.


Banna bao ba etsa mosebetsi ka botshepehi. Ba ne ba okametswe ke Jahate le Obadiya, bao e neng e le Balevi ba bara ba Merari, le Sekariya le Meshulame, ba bara ba Kohate. Balevi ba neng ba ena le tsebo ya diletsa,


Mookamedi wa bona e ne e le Joele, mora wa Sikeri, mme Juda, mora wa Senua, e ne e le motlatsi wa mookamedi.


Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale.


e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala.


Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.


Ya sedi o elellwa kotsi, a batle setshabelo, empa ya se nang tsebo o tlatselaka feela, a wele kotsing.


Moshe a halefela baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba neng ba etswa ntweng.


“A bitsa ba nang le molato ho monga hae ka bomong, a re ho wa pele: ‘O na le molato o mokae ho monga ka?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos