Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:23 - BIBELE

23 Ka bona hape diqwapi tse supileng, tse ponneng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, di mela kamorao ho tsena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka ba ka bona diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse otileng, tse tjheleng ke moya wa botjihabela, di etswa kamora tseo;

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:23
8 Referencias Cruzadas  

“Ka boela ka lora ke bona diqwapi tse supileng di mela lehlakeng le le leng, di le tenya, di le ntle.


Yaba diqwapi tse manneng di kwenya tse supileng, tse ntle. Ke ile ka phetela dinohe, empa ha ho le se seng se ka ntlhalosetsang.”


Kamora tseo ha mela tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela.


Baahi ba tsona ba fellwa ke matla, ba tsieleha, ba tsherehana; ba ba jwaloka jwang ba naha, ba ba jwaloka semela se setalana, jwaloka sehlethele sa jwang hodima ntlo, jwaloka koro e phutsang e eso tswale.


Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe.


“Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.


Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios