Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 38:5 - BIBELE

5 A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A boela a tswala mora hape, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe, ha eo a tswalwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 38:5
8 Referencias Cruzadas  

“Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.


Juda a di tseba, mme a re: “O lokile ho mpheta, hobane ha ke a ka ka mo nea mora wa ka Shela.” A se ke a hlola a robala le yena hape.


Yaba Juda o nyadisa Ere, letsibolo la hae; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Tamare.


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.


Bana ke bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela. Bana ba bararo o ile a ba tswallwa ke moradi wa Shua wa Mokanana. Ere, letsibolo la hae, o ne a le kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.


Bana ke bara ba Shela, mora wa Juda: Ere ya ileng a thea Leka, le Lada ya ileng a thea Maresha, le ba merabe ya ba neng ba etsa masela a lene, mane Bete-Ashebea,


Bara ba Juda ke Ere le Onane. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana.


Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos