Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 37:10 - BIBELE

10 Empa yare ha a phetela ntatae le bana babo toro eo, ntatae a mo omanya, a re ho yena: “Ke toro nngwe ee, eo o e lorileng? Na ruri nna, le mmao, le bana beno, re tla o kgumamela?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 A bolella ntatae le banababo; yaba ntatae o a mo kgalemela, a re ho yena: Keng toro eo o e lorileng? Hleka ruri nna, le mmao, le banabeno, re tla tla, re inamele fatshe pela hao na?

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:10
8 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Re ne re tlama dihlopha tshimong, mme ka bona sehlopha sa ka se tsoha, se ema tswee! Ka bona dihlopha tsa lona di ema, di se potapota, mme di se kgumamela.”


A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.”


Ha Josefa a se a fihlile hae, ba mo nea dimpho tseo ba tlileng le tsona, ba inama kapele ho yena.


Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe.


Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos