Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 34:9 - BIBELE

9 A re nyallaneng; re neeng baradi ba lona, mme le lona le inkele baradi ba rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Le nyallaneng le rona, le re nee baradi ba lona, mme le inkele baradi ba rona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:9
9 Referencias Cruzadas  

Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,


Jwale Rebeka a re ho Isaka: “Ke tennwe ke bophelo ka baka la basadi bana ba Bahete. Haeba Jakobo a ka nyala e mong wa banana ba Bahete ba jwaloka bana, bophelo ba ka bo tla ba le molemo ofe ho nna?”


Le tla ahisana le rona, le phele moo le ratang teng naheng ena; le ahe ho yona, le hwebe ho yona, mme le rue ka yona.”


Yaba Hamore o bua le bona, o re: “Moya wa mora wa ka Shekeme o labalabela moradi wa hao; ke a le rapela, mo neeng yena e be mosadi wa hae.


bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?


Le se ke la nyallana le tsona. Le se ke la nea bara ba tsona baradi ba lona, kapa la nkela bara ba lona baradi ba tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos