Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 34:7 - BIBELE

7 Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bara ba Jakobo, eitse ha ba utlwa taba tsena ba etswa naheng, banna bao ba tlalwa ke dipelo, ba halefa hampe, kahobane Sikeme a entse manyala ho Iseraele, a robetse le moradi wa Jakobo, a entse taba e se tshwanelang ho etswa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:7
27 Referencias Cruzadas  

Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.”


Hamore, ntata Shekeme, a ya ho buisana le Jakobo.


Yaba Hamore o bua le bona, o re: “Moya wa mora wa ka Shekeme o labalabela moradi wa hao; ke a le rapela, mo neeng yena e be mosadi wa hae.


Bara ba hae, le bara ba bara ba hae; baradi ba hae, le baradi ba bara ba hae. Leloko la hae lohle a tla le lona Egepeta.


Ha kgosi Davida a utlwela ditaba tsena tsohle, a halefa haholo.


Ditemoso tsa hao di tshepahala haholo; ntlo ya hao e tshwanelwa ke kgalalelo, kamehla le mehla, wena Morena.


Ka tadima hara ba se nang tsebo, ka bona mohlankana ya hlokang kutlwisiso,


hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,’ ho rialo Morena.”


“ ‘Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:


“ ‘Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato.


Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.


Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.


“Empa haeba qoso ena e le ya nnete, ho sa fumanwe bopaki ba hore ngwanana eo ke morwetsana,


ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.


“Ho se be morwetsana wa Moiseraele kapa monna wa Moiseraele, ya ka etsang bootswa ka tempeleng.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.


Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.’ ”


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos