Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 34:26 - BIBELE

26 Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shekeme ka sabole, mme ba ntsha Dina ka tlung ya Shekeme, ba itsamaela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba bolaya le Hamore le Sikeme, mora hae, ka bohale ba lerumo, ba nka Dina ka tlung ya Sikeme, ba itswela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:26
6 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona.


Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe.


Jwale Abinere a howeletsa Joabe, a re: “Le rata ha sabole e ntse e bolaya hoyahoile? Ha o tsebe hore qetellong hoo ho tla tswala disuwa? O tla laela banna neneng, hore ba tlohele ho nna ba ngwanyamisa bana babo bona?”


“Baasiria ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole e se ya motho, ba timetswe ka sabole e se ya motho. Baasiria ba tla baleha sabole, bahlankana ba bona ba sebediswe ka thata.


Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.”


Metsu ya ka e tla rotha madi a bona, sabole ya ka e tla kganathela dinama, e tlale madi a babolauwa le bathopuwa, e ebole mahata a ba direng.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios