Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 34:19 - BIBELE

19 Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mohlankana ha a ka a tswafa ho etsa taba eo, kahobane a ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo; e ne e le yena ya hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ya ntatae kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:19
15 Referencias Cruzadas  

Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Dipolelo tsa bona tsa thabisa Hamore le mora wa hae Shekeme.


Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:


Dithole tse mpe, tse otileng, tsa kwenya dithole tsa pele tse supileng, tse nonneng,


Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.


Hasobeba o ne a hlompheha ho feta bana babo. Mmae o ne a ile a mo rea lebitso la Jabese, hobane o ne a re: “Ke ile ka mmeleha ka mahlaba a maholo.”


Mpee fubeng sa hao jwaloka setempe, jwaloka lesekana nthwale tsohong la hao, hoba matla a lerato a tshwana le a lefu, sehloho sa lefufa se tshwana le sa lebitla. Lerato le tuka sa kganare e tlola ditlhase, jwaloka tetema e laima malakabe!


Ka baka leo, tjhaba sa ka se tla thopuwa hoba tjhaba sena se hloka kutlwisiso; bahlomphehi ba sona ba tla bolawa ke tlala, bongata ba sona bo tla shwa ke lenyora.


Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.


Balake a boela a romela mahosana a mang hape, a tumileng haholo ho feta a pele.


Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Ka baka leo, ba bangata ba bona ba dumela, le basadi ba hlomphehang ba Bagerike, le banna ba bangata.


Ahimeleke a araba kgosi, a re: “Hara bahlanka ba hao ke mang ya tshepahalang jwaloka Davida, mokgwenyana wa kgosi, ya mamelang ditaelo tsa hao, eo e leng yena molaodi wa balebedi ba hao, ya bileng a hlomphuwang lapeng la hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos