Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 32:22 - BIBELE

22 Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A tsoha bosiung boo, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela lediboho la Jabboke.

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:22
10 Referencias Cruzadas  

Jwale Jakobo a re ho Labane: “Nnee mosadi wa ka, ke kene dikobong tsa hae, hobane nako ya ka e phethehile.”


Dimpho tseo tsa mo etella pele, yena a robala moo a neng a hlomile teng.


A ba nka, a ba tshedisa noka, a tshedisa le tseo a nang le tsona.


Empa yare ha a le lekgatheng la ho neela moya, hobane o ile a shwa, a rea mora eo lebitso la Bene-Oni, empa ntatae a mo rea lebitso la Benjamine.


Ke naheng ya Baamone feela, moo le sa kang la atamela teng; le sebakeng sohle se ka mahlakoreng a nokana ya Jaboko, le metseng e naheng e maralla, le hohlehohle moo Morena a ileng a re hanela ho ya teng.”


Ba morabe wa Rubene le wa Gade ka ba abela ho tloha Gileade, ho ya fihla kgohlong ya Arenone; ke hore bohareng ba kgohlo le moedi wa yona; le ho ya fihla nokaneng ya Jaboko, moeding wa bana ba Amone.


Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.


Ba hapa ya Sithone, kgosi ya Baamore, e neng a ahile Heshebone, e busa ho tloha Arowere e pela lebopo la noka ya Arenone, bohareng ba kgohlo; e busa le karolo e nngwe ya Gileade, ho ya fihla Jaboko, e leng moedi wa Baamone.


Yaba kgosi ya Baamone e re ho maqosa a Jafeta: “Ke hobane Baiseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta, ba ne ba hape naha ya ka ho tloha Arenone, ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla Jorodane; ka baka leo, nkgutlisetse naha eo ka kgotso.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos