Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 30:32 - BIBELE

32 Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 ke tla lekola mehlape ya hao kaofela kajeno, ke kgethe ho yona nku tsohle tse tsasana, le tse thoboshana, le nku tsohle tse nang le bokgunwana mohlapeng wa dinku, le dipodi tse tshasana, le tse thoboshana, mme e tla ba wona moputso wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:32
5 Referencias Cruzadas  

Labane a re: “Ke o nee eng?” Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe.


Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.”


Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo.


“Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa.


Ha a ne a re: ‘Moputso wa hao e tla ba tse rolo, le tse tshasana’; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse rolo, le tse tshasana, mme ha a ne a re: ‘Moputso wa hao e tla ba tse phatshwana, le tse thoboshana’; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse phatshwana, le tse thoboshana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios