Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 28:21 - BIBELE

21 ka ba ka kgutlela tlung ya ntate ka kgotso, Morena e tla ba Modimo wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ka ba ka kgutlela ka kgotso tlung ya ntate, Jehova e tla ba Modimo wa ka;

Ver Capítulo Copiar




Genese 28:21
8 Referencias Cruzadas  

Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”


Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.


Mefiboshete a re ho kgosi: “Siba a hle a e nke yohle, hobane monga ka, kgosi ya ka, o kgutletse hae ka kgotso.”


Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela.


Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Morena ke matla a ka, le thoko ya ka; ke yena ya mpholositseng, ke Modimo wa ka, mme ke tla mo rorisa, ke Modimo wa ntate, mme ke tla mo tlotlisa.


Kajeno o ikanetse hore Morena e tla ba Modimo wa hao, le hore o tla tsamaya ditseleng tsa hae, o boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le ditemoso tsa hae, mme o mamele lentswe la hae.


etlare ha ke kgutla ke hlotse Baamone, mang kapa mang ya tla tswa tlung ya ka ho nkgahlanyetsa, e tla ba wa Morena, mme ke tla etsa nyehelo ya setjheso ka yena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos