Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:59 - BIBELE

59 Yaba ba lokolla kgaitsedi ya bona Rebeka, le mohodisi wa hae, le mohlanka wa Aborahama le banna ba hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

59 Yaba ba lokolla Rebeka, kgaitsedi ya bona, le mofepi wa hae, le mohlanka wa Abrahama, le batho ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:59
8 Referencias Cruzadas  

Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle.


Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.


Jwale yena le banna ba nang le yena ba eja, ba enwa, mme ba hlola bosui moo. Ha ba tsoha hoseng, mohlanka a re: “Ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”


Jwale ba bitsa Rebeka, mme ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna eo?” Yena a araba, a re: “Ke tla tsamaya le yena.”


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.


Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: ‘Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona’?


Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos