Aborahama a re ho bahlanka ba hae: “Lona salang mona le tonki. Nna le moshanyana re tla ya mose mane, re yo kgumamela Modimo, ebe re kgutlela ho lona hape.”
Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.
Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.
Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela.
Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.
Esera a rorisa Morena Modimo e moholo, mme setjhaba sohle sa araba se phahamiseditse matsoho a sona hodimo, sa re: “A ho be jwalo! A ho be jwalo!” Sa inamisetsa dihlooho tsa sona fatshe, sa rapela Morena.
le tle le re: ‘Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona.’ ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela.
Ke tla tla ke nkile eng ha ke eya ho Morena? Ke tla obama jwang kapele ho Ya Hodimodimo? Na ke tla fihla ke nkile nyehelo ya setjheso, ke nkile nyehelo ya manamane a selemo?
Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.”