Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:14 - BIBELE

14 Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: ‘Ako role nkgo ya hao ke nwe,’ ebe o re ho nna: ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:14
22 Referencias Cruzadas  

Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, ke tla tseba jwang hore ke tla e rua?”


Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi.


Yare a eso qete ho bua, Rebeka, moradi wa Bethuele ya tswetsweng ke Mileka, mosadi wa Nakore, moena wa Aborahama, a hlaha a beile nkgo lehetleng.


Morwetsana a re: “Nwa, monghadi,” mme a phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, a mo nwesa.


Ha morwetsana a qetile ho mo fa metsi hore a nwe, a re: “Ke tla kgella le dikamele tsa hao, ho fihlela le tsona di kgotswe.”


ho ke ho etsahale tjena. Ke eme sedibeng mona. Ha morwetsana a ka tla ho kga metsi, ke tla re ho yena: Ako mphe metsinyana nkgong ya hao, ke nwe.


Ha a ka re: Nwa, mme ke tla kgella le dikamele tsa hao, e tla ba ke yena mosadi eo Morena a mo kgethetseng mora wa monga ka.’


Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.


Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”


Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena.


“Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”


Kamehla, dithapelong tsa ka, ke ntse ke kopa hore qetellong ke mpe ke fumane monyetla wa ho tla ho lona, ha e le thato ya Modimo.


Ba re ho yena: “Ako kope keletso ho Modimo, re a o rapela, e le hore re tle re tsebe hore na leeto leo re leng ho lona le tla atleha na.”


Yaba Gideone o re ho yena: “Haeba o nkgauhetse, ako nketsetse pontsho ya hore efela ke wena ya buang le nna.


ke tla bea boya ba nku seotlong. Haeba phoka e ka tsoha e letse hodima boya feela, empa kathoko ho bona ho omme, ke tla tseba hore o tla fela o namolele Baiseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o buile.”


Haeba a ka re: ‘Ho lokile,’ mohlanka wa hao o tla phutholoha, empa haeba a ka halefa, o tsebe hore o ntheretse bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos