Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.
Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.
le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,
Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’