Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 22:15 - BIBELE

15 Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba lengeloi la Jehova le howeletsa Abrahama la bobedi le le lehodimong,

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:15
15 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Morena la boela la re ho yena: “Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, hoo di ke keng tsa balwa ka baka la bongata.”


Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,


Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.


Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”


mme la re: “Morena o re: ‘Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,


“Lengeloi la Morena la re ho nna torong: ‘Jakobo!’ “Ka re: ‘Ke nna enwa!’


Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”


Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe.


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


le nna he, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo, le selekane sa ka le Isaka; le selekane sa ka le Aborahama ke tla se hopola, mme le naha ke tla e hopola.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.


Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re:


“Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.


Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso,


Lengeloi leo ke ileng ka le bona le hata hodima lewatle le hodima lefatshe, la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios