Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 21:27 - BIBELE

27 Yaba Aborahama o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, o e nea Abimeleke, mme banna bao ba babedi ba etsa selekane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:27
15 Referencias Cruzadas  

Yaba ho fihla selahlamarungwana, mme sa tsebisa Aborame wa Moheberu ditaba. Aborame o ne a ahile difateng tsa eike tsa Mamore wa Moamore, ngwanabo Eshekole le Anere, ba neng ba entse selekane le Aborame.


Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o eso ka o mpolella yona, le ho e utlwa ke qala ho e utlwa kajeno.”


Aborahama a kgetha le dikonyana tse supileng, tse tshehadi, mohlapeng wa hae, a di beela kathoko.


Tloo jwale, re etse selekane le wena, mme e be bopaki pakeng tsa rona le wena.”


Tjotjo ke hakwe la bohlokwa, ke la bohlokwa ho mo-e-fani, e mo atlehisa ho tsohle tseo a di etsang.


Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang.


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


E nkile kgosana e nngwe ya madi, ya etsa selekane le yona, ya ba ya e hlapantsha. E nkile le bahlabani ba naha eo,


ba hlokang kutlwisiso, botshepehi, lerato le mohau.


Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos