Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 21:14 - BIBELE

14 Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:14
28 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Morena la fumana Hagare pela sediba se hara lehwatata, se tseleng e yang Shure,


Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a ya sebakeng seo a neng a eme ho sona ha a le kapela Morena.


Le ka yena mora wa mosadi wa lekgoba ke tla etsa setjhaba, hobane ke ngwana wa hao.”


Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng.


Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.


Aborahama a lema sefate sa tamarisika moo Beeresheba, mme hona teng a rapela Morena, Modimo wa mehla yohle.


Jwale Aborahama a kgutlela ho bahlanka ba hae; ba tsamaya hammoho ho kgutlela Beeresheba, mme a aha teng.


Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.


Jwale yena le banna ba nang le yena ba eja, ba enwa, mme ba hlola bosui moo. Ha ba tsoha hoseng, mohlanka a re: “Ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”


Empa ha e le bara ba basadi ba hae ba mafielo, Aborahama a ba nea dimpho, mme eitse a sa phela a ba tlosa ho mora wa hae Isaka, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya botjhabela.


Ba tsoha ka madungwadungwana, ba hlapanyetsana, mme Isaka a ba lokolla, ba tloha ho yena ka kgotso.


Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno.


Jakobo a tsoha ka madungwadungwana, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le hloma hore e be mokolokotwane, a le tshela ka ole.


Monna e mong a mo fumana a ntse a lelera hara naha, mme monna eo a mmotsa, a re: “O batlang?”


Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.


Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.


Kgosi Hesekiya a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bitsa babusi bohle ba motse, mme ba nyolohela Tempeleng ya Morena.


Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona,


Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha ho boloka melao ya hao.


Ya dumedisang mohahabo ka ho mo tlatsetsa lerata, a mo tlatsetsa lerata ka matjeke, tlhohonolofatso ya hae e tla fetoha thohako.


Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle.


Lekgoba ha le dule tlung kamehla; mora o dula teng kamehla.


Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.


Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos