Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 18:23 - BIBELE

23 Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:23
15 Referencias Cruzadas  

Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?


Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


Abimeleke o ne a eso kene dikobong tsa hae; jwale a re: “Morena, na o tla bolaya batho ba se nang molato?


Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”


Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng?


Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?


Empa ho nna ho ba haufi le Modimo, ke ntho yona e molemo. Ke ikgethetse Morena, Morena wa ka, ho ba setshabelo sa ka, ke tle ke bolele mesebetsi ya hae yohle.


O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.


Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos