Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 18:15 - BIBELE

15 Empa Sara a latola, a re: “Ha ke a ka ka tsheha;” a rialo hobane o ne a tshaba. Morena a re: “Tjhe, o ile wa tsheha.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa Sara a latola, a re: Ha ke a ka ka tsheha; hobane o ne a tshaba. Mme Jehova a re: Tjhe, o ile wa tsheha.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:15
17 Referencias Cruzadas  

Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”


Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Jwale banna bao ba ema, ba tloha moo, ba leba nqa Sodoma. Aborahama a ba felehetsa, ho ba fihlisa tseleng.


Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?” Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?”


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,


na Modimo a ka be a sa sibolla hoo, yena ya tsebang diphiri tse ka dipelong?


Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?


Jwale lekgabunyane le lebelang monyako la re ho Petrose: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?” A re: “Ha ke yena.”


le kahobane a ne a sa hloke ho bolellwa letho ka motho; kaha a ne a tseba se ka ho motho.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Le lokela ho ntjhafala dikelellong le moyeng,


Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.


Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios