Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.
Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.
Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”