Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 14:11 - BIBELE

11 Ba hlotseng ba hapa maruo wohle a Sodoma le Gomora, le dijo tsa bona tsohle, mme ba ikela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba ho hapjwa maruo wohle a Sodoma le a Gomora, le dijo tsohle tse teng, ha kgutlwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 14:11
8 Referencias Cruzadas  

Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.


Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.


Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae.


A kgutla le thepa yohle, esita le yena Lota mora wa moena hae, le thepa ya hae, mmoho le basadi le batho kaofela.


Kgosi ya Sodoma ya re ho Aborame: “Nkgutlisetse batho, o ipolokele thepa.”


Pholo ya hao e tla hlajwa o ntse o e bona, empa o ke ke wa ja nama ya yona. O tla amohuwa tonki ya hao ka mahahapa, mme e ke ke ya hlola e kgutlisetswa ho wena. Nku ya hao e tla newa dira tsa hao, empa ha ho ya tla o namolela.


Morena o tla o otla ka mathopa a tla o tswa mangweleng le ditlhafung, a ke keng a phekolwa. A tla o bereha ho tloha bohatong ba leoto, ho ya fihla hara hlooho.


Se tla ja tswala ya diphoofolo tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, ho fihlela se o timetsa. Ha se na ho o siela koro, kapa veine, kapa ole, kapa manamane a dikgomo tsa hao, kapa tswala ya mehlape ya hao, ho fihlela se o timetsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos