Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 13:14 - BIBELE

14 Kamora hoba Lota le Aborame ba arohane, Morena a re ho Aborame: “Ako phahamise mahlo, mme o tadime ho tloha sebakeng seo o leng ho sona, ho ya leboya le borwa, le botjhabela le bophirimela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse ha Lota a se a ikgaohantse le yena, Jehova a re ho Abrame: Ako emise mahlo a hao, mme ho tloha moo o leng teng, o tadime leboya, le borwa, le botjhabela, le bophirimela;

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:14
6 Referencias Cruzadas  

Lota a phahamisa mahlo, mme a bona phula yohle ya Jorodane e ena le metsi a mangata, jwaloka serapa sa Morena, le jwaloka Egepeta, ho ya fihla Soware. E ne e le pele Morena a timetsa Sodoma le Gomora.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.


Phahamisa mahlo a hao, o thalatse kahohle; tjhaba sa hao se a phutheha, se tla ho wena. Ke hlapanya ka bitso la ka,” ho rialo Morena, “ho wena ba tla tshwana le mekgabiso, o ikgabise ka bona jwaloka monyaduwa.


“Phahamisa mahlo o qamake kahohle: Bohle ba a phutheha, ba itlisa ho wena; bara ba hao ba tla tswa holehole, baradi ba hao ba tle ba sikilwe ka matsoho.


Hlwella tlhorong ya Pisega, o akgele mahlo a hao ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa, le ka botjhabela, mme o bone ka mahlo a hao, hobane ha o ka ke wa tshela Jorodane ena.


Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos