Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 12:15 - BIBELE

15 Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ditona tsa Faro le tsona tsa mmona, mme tsa mo rorisa pela Faro; mme mosadi a nkwa, a iswa ka tlung ya Faro.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:15
18 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.


Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.


Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


Faro a halefela basebeletsi bao ba hae ba babedi, e leng moqhatsetsi e moholo, le moapehi e moholo,


Kamora hoba lemo tse pedi di fete, Faro a lora, mme a ipona a eme pela noka.


Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.


Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.


Batlang Morena le matla a hae; le nne le batle fahleho sa hae, le se batle kamehla le mehla.


Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.


Jwale moradi wa Faro a theohela nokeng, ho ya tola; barwetsana ba mo sebeletsang ba nna ba tsamaya lebopong la noka. Moradi wa Faro a bona sethoto hara lehlaka, mme a romela lekgabunyane la hae ho ya se lata.


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo!


le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae,


Teng ba tla howeletsa, ba re: ‘Faro, kgosi ya Egepeta, o shwahla haholo; menyetla ya hae e se e mo fetile.’


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos