Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 10:32 - BIBELE

32 Ana ke wona malapa a bara ba Nowe, ho ya ka meloko ya bona, le ka merabe ya bona. Ditjhaba tse tswang ho bona di ile tsa arohana lefatsheng kamora morallo wa metsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ke yona eo mefuta ya bara ba nowe, ka meloko ya bona, le ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse sabaletseng lefatsheng kamora morwallo di tswile ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 10:32
12 Referencias Cruzadas  

Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara.


Bana ke bara ba Kama, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane.


Bana ke bara ba Sema, ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka dinaha tsa bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Ke bona ba ileng ba abelwa dinaha tsa dihlekehleke, ka ho ya ka maleme a bona, le ka ho ya ka malapa abo bona, le ka ho ya ka merabe ya bona.


Lefatshe lohle le ne le bua puo e le nngwe, le sebedisa mantswe a le mang.


Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.


Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.


“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”


bona bao naha e neng e abelwe bona feela, ho se molata o jakileng hara bona.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios