Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 5:8 - BIBELE

8 “Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena a ke a tsebe hoba re ne re ile setrekeng sa Juda, tlung ya Modimo o moholo; e hahuwa ka majwe a maholohadi a betlilweng; difate di bewa hodima marako, mme mosebetsi o etswa ka phakiso, hape o atleha matsohong a bona.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 5:8
20 Referencias Cruzadas  

Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.


Lengolo lena le neng le rometswe ho kgosi le ne le re: “Kgotso yohle e be le kgosi Dariuse!


“Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: ‘Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?’


e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.


Mabota a be le mela e meraro ya majwe, le mola wa mapolanka a entsweng ka difate tse ntjha. Ditshenyehelo tsa teng di ntshwe letloleng la kgosi.


Tsohle tseo Modimo wa mahodimo a laetseng hore di etswe, di etsetswe Tempele ya Modimo wa mahodimo ka hloko, esere Modimo a halefela kgosi le bara ba yona.


Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.


“Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.


Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe.


Yaba kgosi e romela mangolo dinaheng tsohle tseo e di busang, naha ka nngwe ya ngollwa ka mongolo wa yona, setjhaba ka seng sa ngollwa ka puo ya sona, ha thwe monna e mong le e mong a laole lelapa la hae, ho buuwe puo ya habo.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!” Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo.


“Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona.


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


‘Fika’ la bona ha e ke Fika la rona, le dira tsa rona di ka re pakela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos