Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 5:5 - BIBELE

5 Empa Modimo wa bona o ne a ntse a tadimile baholo ba Bajuda, mme bahanyetsi ba ne ba ke ke ba ba thibela ho haha, ho fihlela ha ho tsebisitswe Dariuse, mme yena a arabile ka lengolo. Bo-Tatenai ba ngola lengolo malebana le taba ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa leihlo la Modimo wa bona la nna la shadima baholo ba Bajuda, bano ba ba ba sitwa ho ba thibela, ha taba eo e sa ntsane e isitswe ho Dariuse, mme ho sa lebeletswe lengolo le arabang taba tseo.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 5:5
12 Referencias Cruzadas  

Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”


ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.”


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.


ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo.


hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, le ditsebe tsa hae di mamela thapelo tsa bona; sefahleho sa hae se sosobane se sosobanetse ba etsang bobe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos