Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 3:12 - BIBELE

12 Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Baprista ba bangata, le Balevi, le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, e leng maqheku a neng a bone ntlo ya pele, ba lla, ba bokolla, ha ba bona ho bewa metheo ya ntlo eo pela mahlo a bona; hape, ba bangata ba etsa ditlatse tsa thabo;

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:12
12 Referencias Cruzadas  

Motho o ne a ke ke a kgetholla lerata la ditlatse tsa thabo ho lerata la seboko sa setjhaba, hobane setjhaba se ne se howeletsa haholo, hoo lerata la sona le neng le utlwahala hole.


Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.”


Ya tsamayang a lla, a nkile peo e tla jalwa, o tla kgutla ka ditlatse, a nkile mangata a hae.


Haleluja! Ke hantle ho boka Morena, ho monate ho roka Modimo wa rona, o lokelwa ke thoriso.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Lelapa le lenyenyane le tla ngatafala e be dikete, setjhaba se fokolang sona se matlafale, nna Morena, ke tla potlakisa sena, ke se potlakise ka nako ya sona.”


“Matsatsing ao, ka yona nako eo,” ho rialo Morena, “Baiseraele le Bajuda ba le mmoho, ba tla batla Morena, Modimo wa bona, ka dikgapha.


‘Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho?


“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos