Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 9:31 - BIBELE

31 Motsitla le harese tsa ruthuthwa, hobane harese e ne e se e tswetse, mme motsitla o se o thuntse,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Lene le harese di ne di otlilwe, hobane harese e ne e se e tswetse, mme lene e ne e se e na le dipalesa;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:31
6 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese.


empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao.


“Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa,


Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese.


Ka mokgwa o jwalo Ruthe a nna a kgwahlapisa le makgabunyane a Boase ho fihlela ho qetwa ho helwa harese le koro. Ruthe a nna a dula le matsalae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos