Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 40:24 - BIBELE

24 A bea sedulwana sa lebone ka Tenteng ya Morena malebana le tafole, ka lehlakoreng le ba borwa la Leaho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Kandelare yona a e bea tenteng ya pokano, mabapa le tafole, lehlakoreng la tabernakele le leng ka nqa borwa;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:24
13 Referencias Cruzadas  

Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka.


O tla bea tafole ka kwano ho lesira; le sedulwana sa lebone pela tafole, ka lehlakoreng la leaho le ka nqeng ya borwa. Tafole yona o tla e bea ka lehlakoreng le ka leboya.


Hodima yona a hlopha bohobe bo bewang kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


A bea mabone kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


O tla kenya tafole, o lokise tsohle tsa yona; o tlise le sedulwana sa lebone, o bee mabone a sona hodima sona.


Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.


lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.


Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.


Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”


Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos