Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 39:31 - BIBELE

31 Hodima wona ba tlamella mohala o moputswa, ba rokella moqhaka phatleng ya katiba, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 la hokelwa ka kgole ya purepera, hore le bewe moqhweleng, kahodima wona, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:31
5 Referencias Cruzadas  

“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.


Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista.


Ba etsa moqhaka o halalelang ka kgauta e hlwekileng, mme hodima wona ba ngola jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, ba re: Mohalaledi wa Morena.


Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.


Moshe a etsa jwalokaha Morena a mo laetse. Ha phutheho yohle e se e bokane monyakong wa Tente ya Morena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos