Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 39:27 - BIBELE

27 Ba etsetsa Arone le bara ba hae diaparo tse fihlang maotong ka lesela la lene, le loehileng;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba ho etswa dikojwana tsa lene e ntle, tse lohilweng, e le tsa Aarone le bara ba hae;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:27
14 Referencias Cruzadas  

“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.


ke hore ho entswe lengenengene, ha nto etswa kgarenate, ho potoloha lemeno la seaparo sa ho sebeletsa, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng.


Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae.


“ ‘Ha ba kena ka dikgoro tsa lebala le kahare, ba tla apara diaparo tsa lene; ba ke ke ba apara seaparo sefe kapa sefe sa boya, ha ba ntse ba sebeletsa dikgorong tsa lebala le kahare, kapa kahara Tempele.


Ba tla rwala dituku tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene le marikgwe a lene. Ba ke ke ba apara eng kapa eng e ka ba fufuletsang.


Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.


Jwale Moshe a tlisa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse fihlang maotong, mme a ba tlama ka maqhama, a ba rwesa dituku, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Empa le apare tsa Morena Jesu Kreste, mme le kgaotse ho kgotsofatsa ditakatso tsa botho.


Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.


hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos