Eksoda 37:9 - BIBELE9 Dikerubime di ne di otlolletse mapheo e tsona hodimo, di kgurumeditse sekwahelo sa tefelo ya sebe ka mapheo a tsona, difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadimile malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Dikerubime di ne di otlollela dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumeditse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, difahleho di tadimane; mme difahleho tsa dikerubime di ne di tadimile nqa sekwahelong. Ver Capítulo |
Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.