Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 32:26 - BIBELE

26 Moshe a ema monyakong wa diahelo, a re: “Bao e leng ba Morena a ba tle ho nna!” Yaba bara ba Levi bohle ba bokana ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:26
8 Referencias Cruzadas  

E mong wa bahlabani ba Joabe a ema pela Amasa, mme a re: “Mang le mang ya latelang Joabe le Davida a fetele ka ho Joabe!”


Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.


Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana?


Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.


Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.’ ”


“Ya sa emang le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya.


A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos