Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 32:19 - BIBELE

19 Ha a atamela diahelong, mme a bona namane le metjeko, kgalefo ya Moshe ya tlokoma. A ptjatlanya matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela mosikong wa thaba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:19
20 Referencias Cruzadas  

Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Ke halefiswa haholo ke ba kgopo, ba furallang Molao wa hao.


Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.


Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?


Empa Moshe a re: “Hase lerata la ho thabela tlholo, hase lerata la ho llela ho hlolwa; nna ke utlwa lerata la batho ba binang.”


Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng.


“Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena.


Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi.


Jwale ka roba molamu wa ka wa bobedi, o bitswang Kutlwano; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.


Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


Yare ha Jesu a bona hona, a halefa, a re ho bona: “Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane Mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.”


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng, ebe o kenya matlapa ao ka arekeng.’


“ ‘Ho rohakehe ya sa phethahatseng dipallo tsa molao ona ka ho di etsa!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos